Puo e manoni, tlotlontsoe. Maele le maelana a Basotho.
Ithute maele le maelana a Basotho le tlhaloso ea ona u tsebe puo e manoni. Sesotho ke puo e monate 'me re tlamea ho e nepa kapa ho e tseba, re e hlomphe, re e sebelise hantle. Ithute maele u tsebe ho a sebelisa puong ea hau kapa moqoqong oa hau, u sebelise tlotlontsoe ho natefisa seo u se qoqang kapa seo u se buang. Ha re ikotleng sefuba, re be motlotlo ka puo ea habo rona 'me re e behele meloko e tlang hore le bona ba tle ba e nepe.
Đọc thêm
Quảng cáo
Quảng cáo